E BA LE LENTSWE
BUKANA YA TATAISO YA DIKOMITI TSA DIWOTO
O ka ikopanya le
Dikananelo
Bukana ena ya tataiso e tswetswe ke mananeo a mangata le mesebetsi e entsweng ke Lefapha la Puso ya Diprovense le Puso ya Selehae (dplg), Selekane sa Australia le Afrika Borwa sa Puso ya Selehae (ASALGP) le Boemedi ba German ba Koporasi ya Thekeniki (GTZ) mme e rerile ho matlafatsa demokerasi ya seabo le puso ya bomasepala ba Afrika Borwa.
Masepala wa Selehae wa Matjhabeng le dikomiti tsa diwoto tse welang tlasa taolo ya teng o fane ka boitsebelo ba bohlokwa le thuto eo bukana ena e bopilweng ka bona. Moeletsi wa Australia, Mof. Pauline Peel, o sebedisane le Mohlanka wa Kgokahano ya tswang Masepaleng enwa, monghadi George Moahloli, le Sepikara sa Masepala monghadi TV Matsepe, nakong ya dibeke tse 10 ho fumana hore ke dintho dife tse tla eketsa seabo sa setjhaba ka ho sebedisa dikomiti tsa diwoto. Ditho tsa komiti tsa diwoto ka botsona di ile tsa ba le kamano le dikahare le moralo wa bukana ena ya tataiso.
Re lekatsa ho lebohela le Lenaneo la Matlafatso ya Puso ya Selehae la GTZ ka ho etsa hore ho be le bukana ena ya tataiso.
Monghadi F.S Mofamadi
Letona la Puso ya Diprovense le Puso ya Selehae
Ketapele
Ha re ne re kenya tshebetsong mokgwa o motjha wa puso ya selehae ka 2000, re ile ra hlahisa hantle ntho ena e le karolo ya mmuso e hlonngweng hantle ho fana ka moelelo le ho phethahatsa boitlamo ba mantlha ba dipolotiki, ntlheng ya hore Batho ba tla busa. Re itse ho batho ba habo rona, ka puso ya selehae, ha mmoho le wena, re tla tlisa demokerasi moo o phelang teng. Ka kgopolo ya rona ya puso ya selehae, re ile ra e beha boemong bo hodimo ba tharollo ya diphephetso tsa mantlha tsa naha tse kang tsa tswelopele e tlase, tlhokeho ya mesebetsi, ho ema nqa e le nngwe le bofutsana.
Dikomiti tsa diwoto tse sa tswa thehwa botjha tsa masepala di na le seabo sa bohlokwa katlehisong ya se boletsweng ka hodimo. Jwalo ka sebopeho se nang le matla a boemedi ba setjhaba le baahi, dibopeho tsena di hloka ho tsebisa masepala ka ditabatabelo, menyetla le mathata a batho. Di lokela le ho bopa borokgo dipakeng tsa ho theha kgokahano e phethahetseng dipakeng tsa khansele le baahi. Molao wa puso ya selehae o etsa monyetla wa motheo wa dikomiti tsa diwoto tse tla sebetsa jwalo ka lehokela le emetseng tsela ya rona ya puso letshweleng la batho. Komiti tsa diwoto di na le seabo sa bohlokwa tshebetsong ya bohlokwa le ntlheng ya ho tsepamisa tsela ya tshebetso ya masepala, e jwalo ka Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele, ditekanyetso tsa ditjhelete tsa masepala le ditsela tsa taolo ya tshebetso ya masepala. Ntle le tsona, mokgwa wa rona wa puso ya demokerasi le ntshetso pele ya puso ya selehae ho ke ke ha thwe o thehilwe bathong.
Dikomiti tsa diwoto di thehilwe diwotong tse fetang 80%. Dikomiti tsena tsa diwoto di na le matla a fapafapaneng a tshebetso. Ka ho tsepamisa maikutlo boemong ba tshebetso ya dikomiti tsena tsa diwoto ha mmoho le mosebetsing wa ho theha tekano ya dikomiti tse setseng, re tla be re otlollela melemo ya boahi palong e kgolwanyane ya batho ba habo rona.
Bukana ena ya tataiso e reretswe ho fana ka dikeletso tsa bohlokwa, le maele ha mmoho le tataiso ya tsamaiso ya dikomiti tsa diwoto. Dikomiti di tla kgona ho ba le kabelo e kgolwanyane diqetong tsa khansele haeba dikomiti tsena di sebetsa hantle ho feta.
Ofisi le Lefapha la Diprovense ha mmoho le Puso ya Selehae e lakatsa ho ananela tshehetso ya Selekane sa Australia le Afrika Borwa sa Puso ya Selehae (ASLGP) le Boemedi ba Germany ba Tshebedisano ya Thekeniki (GTZ) ka ho etsa hore ho be le buka ena ya bohlokwa le e hlokwang haholo.
DIKAHARE
Selelekela
Karolo ya 1 ? Mehato ya ho qala
Mohato wa 1 Fumana molao o loketseng le tataiso
Mohato wa 2 Utlwisisa seabo sa dikomiti tsa diwoto
Mohato wa 4 Utlwisisa seabo sa khanselara ya boemedi ba tekano
Mohato wa 5 Utlwisisa seabo sa ditho tsa komiti ya woto
Mohato wa 6 Kgetha ditho tsa komiti ya woto
Mohato wa 7 Ho ba teng thupelong ya tjhoriso ya khanselara tsa woto le ditho tsa komiti
Mohato wa 8 Ho hlophisetsa kopano ya pele ya komiti ya woto ? dikeletso tsa khanselara ya woto
Mohato wa 9 Kopano ya pele ya komiti ya woto
Kgaolo ya 2 - Dikeletso tsa bohlokwa ho thusa dikomiti tsa woto ho sebetsa ka katleho
Mohato wa 10 Seabo sa mongodi
Mohato wa 11 Tsamaiso ya kopano
Mohato wa 12 Ho ba modulasetulo kopanong, le dikeletso tse itseng ho modulasetulo Mohato wa 13: Ditlhoko tsa dikomiti tsa diwoto
Mohato wa 14 Ditlhoko tsa dikomiti tsa diwoto
Mohato wa 15 Ntshetsopele ya moralo wa tshebetso wa selemo wa komiti ya woto
Mohato wa 17 Moralo wa Ntshetsopele e Kopanetsweng ke eng?
Mohato wa 18 Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo
Mohato wa 19: Mokgwa wa Taolo ya Tshebetso
Mohato wa 20 Boikopanyo le Masepala
Mohato wa 21 Merero ya Masepala le mekutu
Karolo ya 4 ? Dithempleiti tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang
Metsotso ya Kopano
Rejistara ya ba teng Dikopanong tsa Lebatowa le tse Ikgethang
Moralo wa Tshebetso wa Masepala
Kabo ya Boikarabelo ya dipotfoliyo
Tsebiso ya Kopano ya Komiti ya Woto
Foromo ya ho thonya ? Kgetho ya Komiti ya Woto
Lenane la ho ikopanya le Ditho tsa Komiti ya Woto
SELELEKELA
Re lokela ho buisana ka tsela e tshwanang ka letoto le batsi la ditlha tsa bohlokwa tse qoholehileng tse kang ho ntlafatsa ditshebeletso le ho matlafatsa mmuso wa selehae, ho kenyeletswa ha Dikomiti tsa Diwoto.
Dikomiti tsena, tseo ditho tsa tsona e leng basebetsi ba tlwaelehileng feela, di na le seabo sa bohlokwa ntlheng ya ho netefatsa kgokahano e hlokehang dipakeng tsa batho le institjhushene tsa rona tsa mmuso?.1
Ntlha ya bohlokwa ka ho ikgetha mabapi le sena ke taba ya hore re tiise hore Dikomiti tsa Diwoto tsa mmuso wa selehae di kopana kgafetsa le hore di etsa mosebetsi oo di o reretsweng.?2
DIKELETSO TSA BOHLOKWA
Bukana ena e fana ka dikeletso tsa bohlokwa, dikgopolo tse ka phethahatswang le tataiso ya ho tsamaisa dikomiti tsa diwoto.
Baahi ba tla kgona ho ba le seabo ho feta mosebetsing wa Dikhansele sa ho etsa diqeto haeba dikomiti tsa diwoto di sebetsa hantle. Ka hoo, bukana ena e tla qetella e thusitse ho eketsa seabo sa baahi diqetong tse etswang ke dikhansele le bomasepala. Bukana ena e radilwe hore e thuse ditho tsa khansele le tsa dikomiti tsa diwoto ka lethathama la mehato eo ba ka e nkang ha ba sebetsa dikomiting tsa bona tsa diwoto.
Puo ya Mopresidente Thabo Mbeki, ha a ne a bula Kopano ya komiti e Bohareng ya COSATU ya bo-3, Ekurhuleni, 15 Phato 2005.
Puo ya Mopresidente Thabo Mbeki, mabapi le Voutu ya Bajete ya Ofisi ya Mopresidente, Lekgotleng la Setjhaba, Cape Town, ka la 23 Phupjane 2004.
Bukana ena e reretswe ditho tsa dikhansele le tsa dikomiti tsa diwoto ho ba thusa ka lethathama la mehato eo ba ka e nkang ha ba sebetsa dikomiting tsa diwoto tsa bona.
Dikomiti tsa diwoto ke mokgwa o hlwahlwa wa ho fihlela e meng ya merero ya mmuso wa selehae o tswelang pele o boletsweng Molaong wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996.
Ho kgothaletsa kameho ya baahi le mekgatlo ya baahi ditabeng tsa mmuso wa selehae?
Bukana ena e lokela ho balwa ha mmoho le ditlhoko tse loketseng tsa molao, Tataiso ya Naha ya Motheo wa Tshebetso ya Dikomiti tsa Diwoto tsa Masepala ya 2005 le Buka ya Mohlodi wa Dikomiti tsa Diwoto tsa Naha (dplg and GTZ 2005).
Temoso: O kopuwa hore ka dinako tsohle o nkele hloohong dinnete tsa masepala wa heno le woto ya heno ha o sebedisa mehopolo ena le dikeletso tsena tseo ho fanweng ka tsona Bukaneng ena. Mehopolo e meng e hlalositsweng mona e ka nna ya hloka hore e fetolwe pele kapa e lokiswe hore e kgone ho nyalana le boemo bo ikgethang ba masepala le woto ya heno.
MEHATO YA QALO
KAROLO YA 1.
Mohato wa 1: Fumana molao o loketseng le tataiso
Lenaneo la tekolo ke lena la dikotwana tsa bohlokwa haholo tsa molao oo o tla hloka hore o utlwisise e le hore o tle o tsebe seo o loketseng ho se etsa jwalo ka setho sa komiti ya woto. Melao ena ha mmoho le ditataiso tsena e tla o thusa ho utlwisisa mefuta ya dintho tseo dikomiti tsa diwoto di ka di etsang ho thusa baahi le dikhansele tsa bona.
Ho o thusa ho lemoha tseo o di badileng, di tshwaye ha o qeta ho di bala.
Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, wa 1996 ? Kgaolo ya 7 Karolong ya 152 ? Maikemisetso a mmuso wa selehae. Mona o tla bolellwa ka maikemisetso a mmuso wa selehae.
Mmuso wa selehae: Molao wa Dibopeho tsa Masepala, wa 1998 ? Karolo ya 73 le ya 74. Mona o tla fumana melao le melawana e mabapi le ho thehwa ha dikomiti tsa diwoto.
Mmuso wa selehae: Molao wa Ditsela tsa Masepala wa 2000. Kotwana sena sa molao se o bolella ka menyetla ya mofuta wa seabo seo baahi ba ka se lebellang ho bomasepala.
Tataiso ya Naha ya Motheo wa Tshebetso ya Dikomiti tsa Diwoto tsa Masepala ya 2005. Tokomane ena e tswile ho fana ka dintlha tse mothamo ho feta ka ho thehwa le ho tsamaiswa ha dikomiti tsa diwoto.
Tshisinyo e ile ya fetiswa ke Masepala ya ho hlahisa tsela ya dikomiti tsa diwoto. Sena se toboketsa boitlamo ba masepala wa heno mabapi le mokgwa wa dikomiti tsa diwoto.
Leano la Masepala la Seabo sa Setjhaba (ha eba leano le jwalo le le teng). Leano lena le tla o thusa ha mmoho le baahi ba heno ho tseba ka moo le ka hokahanang ka teng le masepala ka dintlha tsa bohlokwa tse o amang.
Keletso ya bohlokwa!
Ofisi ya Sepikara masepaleng wa heno e ka fana ka dikhopi tsa molao o lokelang ha mmoho le ditataiso tse teng.
Hang ha o fumane khopi ya tokomane e nngwe le e nngwe, o ka di kenyeletsa bukaneng ena.
Mohato wa 2: Utlwisisa seabo sa dikomiti tsa diwoto
Mmuso wa selehae: Molao wa Dibopeho tsa Masepala, wa 1998 o re:
Boikemisetso ba komiti ya woto ke ho matlafatsa seabo sa demokerasi mmusong wa selehae?
Dikomiti tsa Diwoto ke tsela e nngwe ya ho ba le lentswe diqetong tsa mmuso.
Ka tlhaloso e bonolo feela dikomiti tsa diwoto di thehilwe ka ditho tse kgethilweng tsa woto e ikgethang hore:
di hlahise dintlha tse ngongorehisang tsa woto ya selehae ho khanselara ya woto.
di be le lentswe ha ho etswa diqeto, ho etswe meralo le merero ya diprojeke tseo khansele kapa masepala e di etsang ebile di tla ba le tshusumetso wotong ya hae.
Khanselara ya woto ke modulasetulo wa komiti ya woto, mme ka hoo ke setho sa bohlokwa sa komiti. Setho sa lekgotla kapa khanselara seo eleng moemedi ho latela boemedi ba papiso o abetswe ke khansele kapa ke lekgotla hore a phethe seabo sa ho tshehetsa molekgotla kapa khanselera ya woto wotong eo.
Dikomiti tsa woto ho eketsa seabo baahi ba sebaka seo ha ho etswa diqeto tsa masepala, hobane ke lehokela le otlolohileng le le ikgethang la lekgotla kapa la khansele.
ke baemedi ba woto ya sebaka seo, mme ha ba na tshekamelo ya dipolotiki ba lokela ho ikamanya le ditaba tse kang Tsela ya Moralo wa Ntshetsopele o Kopantsweng, tsamaiso ya tshebetso ya masepala, ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo le selemo, merero ya diprojeke tsa lekgotla kapa khansele ha mmoho le mesebetsi e meng ya bohlokwa ha mmoho le mananeo hobane tsena tsohle di na le tshusumetso bathong ba sebaka seo.
di kgona ho tsebahala le ho qala merero ya diprojeke ho ntlafatsa bophelo ba batho ba woto eo.
di ka tshehetsa setho sa lekgotla kapa khanselara tharollong ya qabang, ka ho fana ka lesedi le mabapi le tshebetso ya masepala di ka hlokomela tshebetso ya masepala le ho hlahisa dintlha tse amang woto ya sebaka seo di ka thusa matsholo a temoso ya setjhaba mohlala, matlakala, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere, tefo ya ditefello le ditjeo, jwalo ka ha ditho di tseba batho ba sebaka seo le ditlhoko tsa bona.
Hopola hore setho sa lekgotla kapa khanselara ya woto se lokela ho tlisa tekano dipakeng tsa ditebello tsa woto ya hae le ditebello tsa mokga wa sona wa dipolotiki. Ketso ena e thatafatsa seabo sena. Ke ntlha ya bohlokwa hore o utlwisise sena, le hore o utlwisise hantle seabo sa setho sa woto sa lekgotla kapa khanselara e le hore o kgone ho sebetsa tsela e hlwahlwa ho feta ya ho ba le lentswe komiting ena. Haeba seabo sa setho sa woto sa lekgotla kapa khanselara se sa hlaka hantle, o tla qoba tlhodisano e sa hlokeheng le motho eo ha mmoho le diqabang tse ka qhomang.
Khanselara ya woto ke modulasetulo wa komiti ya woto o ikarabella tabeng ya ho bitsa kopano tsa lebatowa ho kgetha ditho tsa komoti ya woto o ikarabella tabeng ya ho bitsa dikopano tsa komiti ya woto o ikarabella tabeng ya ho netefatsa hore moralo wa dikopano o hlophisitswe, ho kenyeletswa : dikopano tsa komiti ya woto, dikopano tsa lebatowa le dikopano tse ikgethang o sebetsa le komiti ya woto ho tiisa hore ho na le moralo wa selemo wa mesebetsi e lokelang ho etswa o ikarabella tabeng ya ho netefatsa hore komiti ya woto e etsa seo masepala a se lebeletseng ka mehato ya tlaleho o ikarabella ntlheng ya ho sebetsana le dipotso le ditletlebo ka hare ho woto o ikarabella tharollong ya diqabang le ho fetisetsa qaka tse sa rarollwang ho masepala o lokela hore a amane ka ho phethahala le mesebetsi yohle ya setjhaba eo komiti ya woto e sebetsanang le yona o ikarabella kgokahanong le mesebetsing ha mmoho le meralong ya dikopano ya khaselara ya boemoedi ba tekano (PR)
Mohato wa 4: Utlwisisa seabo sa khanselara ya boemedi ba tekano (PR)
Khanselara ya boemedi ba tekano e abetswe woto mme e nehelana ka tshehetso ho khanselara ya woto ditabeng tse amanang le woto le komiti ya woto. Khanselara ya boemedi ba tekano e ka sebetsana le dipotso le ditletlebo ka ditherisano le khanselara ya woto.
Khanselara ya boemedi ba tekano e lokela ho ba teng dikopanong tsa komiti, dikopanong tsa lebatowa le dikopanong tse ikgethang e ka thusa ho rarolla diqabang le ho di fetisetsa pele e ka thusa ka ho phethahatsa merero ya bohlokwa e tshehetsa khanselara ya woto, empa ha e nkele khanselara ya woto sebaka.
Dipotso tse atisang ho botswa:
Potso: Na khanselara ya woto e ka fa khanselara ya boemedi ba tekano mosebetsi wa ho ba Modulasetulo bosiyong ba khanselara ya woto?
Karabo: E ho jwalo ? khanselara ya woto e ka kopa khanselara ya boemedi ba tekano ka ho mo ngolla lengolo hore a tshware bodulasetulo ba kopano e itseng ha yena a le siyo. Ha ho na ditlhapiso tsa molao tsa motlatsi wa modulasetulo tse etseditsweng monyetla ho latela molao.
Mohato wa 5: Utlwisisa seabo sa ditho tsa komiti ya woto
Ditho tsa komiti ya woto di kgethwa ke woto ho emela maikutlo a batho. Di na le seabo sa bohlokwa kahare ho setjhaba.
Seabo sa ditho ke ho eletsa khanselara ya woto ntlheng ya ho fumana ditlhoko le dingongoreho tsa woto ekasitana le ho fetisetsa tsena lekgotleng kapa khanseleng ho ba le seabo sa bohlokwa komiting ya woto le ho amohela boikarabelo bo kang ho laola potfoliyo kapa karolo eo ba e thahasellang ho thusa khanselara ya woto ho bolella setjhaba ka ditokelo tsa sona le mesebetsi e ba tlamang jwalo ka moifo le ho ba ntswe-leng ditabeng tsa bona ho thusa khanselara ya woto ka dingongoreho le ditletlebo tsa setjhaba ho tshwara maemo a molao kahare ho komiti mohlala, jwalo ka mosebetsi wa bongodi ho bontsha boetapele ntlheng ya ho qala merero e itseng e tla ntlafatsa bophelo ba batho kahare ho woto ho amohela boikarabelo ba profaele ya woto hore komiti e tsebe haholwanyane ka woto (tadima boemo ba 13)
ho thusa khanselara ya woto ho tshwara ditherisano le batho bao eleng baamehi ntlheng e itseng, le ho sebedisana le balekane setjhabeng molemong wa tshebetso ya komiti ya woto ho amana le diketsahalo setjhabeng mohlala, ho ba teng diphupung tsa mafu le mesebetsing ya botjhaba. Sena ke sa bohlokwa hobane se bontsha ho tsotella setjhaba le ho utlwisisa ditaba tsa setjhaba.
Dipotso tse atisang ho botswa:
Potso : Na ho na le thupelo efe kapa efe e teng ya ditho tsa komiti ya woto le dikhanselara tsa woto?
Karabo: E ho jwalo. Masepala wa heno o lokela ho fana ka thupelo ya ho tjhorisa ditho kaofela tsa komiti ya woto le ho thusa ka tlhophiso ya thupelo, ho kenyeletswa mahlale a tsebo ya bongodi, ho ngolwa ha tleleho, tharollo ya diqabang, boetapele, tshebetso ya masepala le ditekanyetso tsa ditjhelete.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto di ikarabella mekgeng ya dipolotiki?
Karabo: Tjhe. Dikomiti tsa diwoto di ikemetse mme ha di laolwe ke mekga ya dipolotiki. Molao o eme jwalo. Dikomiti tsa diwoto di reretswe setjhaba sa heno se batsi, eseng mokga o le mong wa dipolotiki.
Potso: Na diqeto tse etswang ke dikomiti tsa diwoto di tlama Khansele kapa lekgotla?
Karabo: Tjhe. Diqeto tse etswang ke komiti tsa diwoto ha di tlame khansele ka molao ha mmoho le masepala. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la boitlamo ba seabo sa setjhaba, maikutlo a dikomiti tsa diwoto a tla sekehelwa tsebe haholo.
Potso: Na ditho tsa komiti ya woto di lefellwa ditshebeletso tsa bona?
Karabo: Tjhe. Ha ho na ditshebeletso tse lefellwang empa ditjeo tse utlwahalang tse bang teng, tse tshwanang le tsa dipalangwang le tsa phepo, di lokela ho lefuwa.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto di ka leba ho masepala ka ho otloloha ho ya hlahisa dingongoreho tsa tsona?
Karabo: Tjhe. Ditaba tse hlahisitsweng ke komiti ya woto di latela motjha wa khanselara ya woto mme khanselara ena e tla hlahisa ditaba tsena ofising ya Sepikara.
Potso: Ho etsahalang ha khanselara ya woto e sa tsebise ofisi ya Sepikara ka seo komiti ya woto e batlang hore ba tsebe ka sona?
Karabo: Moo ho leng tjena, komiti ya woto e ka nna ya etsa qeto ya ho buwa le ofisi ya Sepikara ka ho otloloha ka taba ya kgaello ya tshehetso e tswang ho khanselara ya woto. Sepikara se tla buisana le khanselara ya woto ka sena le ho netefatsa hore khanselara ya woto e utlwisisa boikarabelo ba yona ba ho beha Sepikara leseding le hore se arabele ditlhoko tsa komiti ya woto.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto ke yona feela tsela ya hore setjhaba se be le lentswe diqetong tse etswang ke khansele kapa lekgotla?
Karabo: Tjhe: Ho tla ba le menyetla e meng hape e kang dikopano tsa moo setjhaba e hlahisang maikutlo teng ka dintlha tse fapafapaneng, jwalo ka ditaba tse amanang le ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo. Dikomiti tsa diwoto di lokela ho netefatsa hore baahi ba woto ba lemohile taba ya menyetla ena.
Potso: Na dikomiti tsa diwoto di ka amana le mesebetsi e tshwanang le dipotso le ditletlebo kapa diqabang kahare ho setjhaba?
Karabo: E ho jwalo. Komiti tsa diwoto di ka ba le seabo sa bohlokwa ho thusa khanselara ya woto hore ho rarollwe diqabang, kapa ho arajwe dipotso hobane ditho tsa komiti ya diwoto ka dinako tse ding di na le kutlwisiso e tebileng ya ditaba tsa setjhaba.
Mohato wa 6: Kgetha ditho tsa komiti ya woto
Ofisi ya Sepikara e na le seabo mona ha mmoho le khanselara ya woto. Ke boikarabelo ba khanselara ya woto ho bitsa dikopano moo ho kgethwang ditho tsa komiti ya woto. Kopano ena e bitswa kopano ya lebatowa ?constituecy meeting?. Ofisi ya Sepikara e tla tsamaisa dikgetho ho netefatsa hore di ikemetse ka botsona.
Komiti tsa diwoto di ka ba le ditho tse fihlang ho 10. Lenane la tekolo ya dintho ke lena ha ho etswa ditlhophiseletso tsa dikgetho tsa ditho tsa komiti ya woto.
Temoso: Pele o tswela pele ho bitsa pitso ya moo ho tla kgethwa ditho tsa komiti ya woto, o lokela hore o bale Molao wa Mmuso wa Selehae wa Dibopeho tsa Masepala, wa 1998 le Tataiso tsa Naha tsa Dikomiti tsa Diwoto, tsa 2005 hobane ditokomane tsena ka bobedi ba tsona di na le ditaba tse ngata tse mabapi le tsela ya tshebetso ya dikgetho. Buka ya Mohlodi wa Naha wa Komiti ya Woto (dplg le GTZ 2005) e tla fana ka mehopolo e ka thusang mabapi le tsela ya ka moo ho ka kenwang tshebetsong ya dikgetho kapa ya ho thonya.
Khanselara tsa woto di lokela ho sebetsa le ofisi ya Sepikara ho tsepamisa matsatsi a loketseng a ho tshwara kopano ya moo ho tla kgethwa ditho tsa komiti ya woto ho tsepamisa letsatsi, nako le sebaka sa kopano ya lebatowa ho etsa bonnete ba hore setjhaba se tla kgona ho fihla sebakeng sa kopano, mohlala, ho ka hlokeha transporoto bakeng sa batho ba bang. Ho seng jwalo, a batle sebaka se haufi bakeng sa bohle. Hape a nahane ka batho ba kulang kapa ba sa itekanelang; hore na batho bohle ba tla kgona ho fihlela sebaka seo na?
ho netefatsa hore ho hlophisitswe ditulo bakeng sa kopano e ikgethang ya batho ba tsofetseng ho tsebisa bohle (ba lebatoweng le) ka letsatsi, nako, sebaka le sepheo sa kopano: nahana ka ho beha ditsebiso laebrari, tliliniking, le dikolong, o phatlalatse tsebiso ena koranteng ya sebaka seo, le ho sebedisa tshebeletso ya ditsebiso tsa setjhaba seteisheneng sa radio sa sebaka seo. Ofisi ya Sepikara e lokela ho etsa monyetla wa tshehetso ya ditjhelete bakeng sa papatso ena.
netefatsa hore khanselara ya woto e utlwisisa tsela ya tsamaiso ya dikgetho e latelwang ke masepala dikgethong. Ofisi ya Sepikara e tla tsamaisa dikgetho empa khanselara ya woto le ditho tsa komiti ba lokela ho tseba tsamaiso ho hlophiswe toloko haeba ho hlokeha.
Jwale seabo sa Ofisi ya Sepikara ke ho etsa tse latelang ho netefatsa hore ho na le rejistara ya moo ho tla ngolwa ba leng teng kopanong ena ya lebatowa le hore e saennwe hore ho tle ho lekolwe le ho hlahloba tsela ya tsamaiso ya dikgetho ho hlalosetsa kopano ka seabo le boikarabelo ba komiti tsa diwoto le ba ditho tsa teng ho hlalosa tsela ya tsamaiso ya dikgetho ho batho ba leng teng moo. Molao o etsa monyetla wa boikgethelo ba sebaka le ba karolo ya kgetho ya ditho e leng hore ditho di lokela ho emela sehlopha se itseng se nang le thahasello, mohlala batho ba batjha, kapa ditaba tsa bophelo bo botle. Komiti e lokela hore e botjwe ka ditho tse etsang 50% tseo eleng basadi. (Masepala e mong le e mong o tla beha leano la hae ho latela kgetho e entsweng).
ho kopuwa ha ditshisinyo hore ho thonngwe ditho tsa komiti le batlatsi ba ditshisinyo tsena ho bala divoutu le ho tsebisa sephetho ho netefatsa hore bathonngwa le batlatsi ba saena foromo tse loketseng ho netefatsa hore ditho tse kgethilweng tsa komiti ya woto di lemoha seabo sa tsona le boikarabelo le ho tiisa hore ba saena foromo e loketseng.
KELETSO YA BOHLOKWA
Keletso ya bohlokwa bakeng sa khaselara ya woto ? bitsa kopano ya pele ya komiti e sa tswa kgethwa botjha ya woto pele ditho di tswa kopanong ya lebatowa. Ho boima kamehla ho hlophisa dikopano le batho ba bangata, haholo haeba o lokela ho ikopanya le e mong le e mong wa bona. Hobaneng o sa sebedise boteng ba bona kopanong ena hore o be o se o hlophisetsa kopano e hlahlamang?
DIPOTSO TSE ATISANG HO BOTSWA:
Dipotso: Na ho na le mehato e latelwang ya ho tlatsa dikgeo tse teng komiting ya woto?
Karabo: Ee. Tsela di fapana ho latela mofuta wa sekgeo se teng. Tataiso ya Naha ya Dikomiti tsa Diwoto ya 2005 kapa Mmuso wa Selehae: Molao wa Dibopeho tsa Masepala wa 1988 o qaqisa tsela ena.
Potso: Na ho na le maemo ao tlasa ona setho sa komiti ya woto se ka tloswang?
Karabo: Ee. Ha setho se ile sa e ba siyo ntle le lefi dikopanong tse tharo kapa ho feta moo tse hlahlamanang, kapa ha setho se nkile lifi empa se le siyo dikopanong tse tsheletseng kapa ho feta ka tlhahlamano, se ka nna sa ntshuwa.
Potso: Ho etsahalang haeba setho sa komiti ya woto se fetela wotong e nngwe?
Karabo: Setho se tla tshwanela ho lesa mosebetsi, hobane se lokela hore e be ke mokgethi wotong eo hore a kgone ho ba komiting eo ya woto.
Mohato wa 7: Ho ba teng thupelong ya tjhoriso ya khanselara tsa woto le ditho tsa komiti
Hang ha ditho kaofela tsa komiti ya woto di se di kgethilwe, di lokela ho ya thupelong ya tjhoriso. Jwalo ka Modulasetulo wa komiti, khanselara ya woto e lokela ho ba teng moo le yona. Ikopanye le ofisi ya Sepikara ho fumana hore thupelo ena ya tjhoriso ya ditho e tla tsharwa neng.
Dintho tseo o tla ithuta tsona thupelong ya tjhoriso ke tsena o tla ithuta ka molao o amanang le dikomiti tsa diwoto. Ha o sa tsebe molao, o ka qetella o etsa dintho tseo eseng tsa molao
O tla tseba ka melawana e teng le ditaelo tse tla o thusa ho tseba haholwanyane ka mesebetsi ya dikomiti tsa woto.
O tla tseba ka moo khansele e sebetsang ka teng
O tla tseba hore kopano e tshwarwa jwang, hore ke dintho dife tse hlokahalang hore o tsebe ho ikakgela ka setotswana le ka tsela e sebetsang hantle ka kopanong
O tla tseba ka matla le mesebetsing ya dikomiti tsa woto. Ntho ena ke ya bohlokwa ho o thusa ho tseba hantle ka seabo sa hao jwalo ka setho sa komiti ya woto
O tla tsebana le ba bang hore le tle le kgone ho bopa moifo o matla.
Mohato wa 8: Ho hlophisetsa kopano ya pele ya komiti ya woto ? dikeletso tsa khanselara ya woto
Lenaneo la tekolo le reretsweng ho thusa khanselara ya woto, eo eleng modulasetulo wa komiti ya woto, ho hlophisetsa kopano ya pele. Hang ha komiti e se e ile ya kopana mme ya kgetha mongodi, motho enwa o tla thusa khanselara ho tsamaisa mosebetsi wa bodulasetulo. Ha khansele ya woto e hlophisehile hantle e na le motho ya jwalo ka modulasetulo, ho tla ba bonolo ho abela ditho tse ding tsa komiti boikarabelo le mesebetsi, mme kopano kaofela e tla tsamaya hantle ho feta.
Khanselara ya woto e ka sebetsa ka lenane lena la tekolo ho netefatsa hore kopano ya pele e hlophisitswe
Na o fumane le ho beheletsa sebaka se tlwaelehileng sa kopano ya komiti ya woto? Hopola hore sebaka sena e lokela hore e be sebaka sa setjhaba eseng sa praevete se kang sebaka sa bodulo. Molao o tsepamisa tlhoko ena.
Na o hlophisitse moralo wa kopano ya selemo, e leng lenane la dikopano kaofela tsa selemo ha mmoho le matsatsi, dinako le dibaka? Lenane lena le lokela ho kenyeletsa dikopano tsa komiti le dikopano tsa lebatowa mme ke la bohlokwa ho etsa hore ditho tsa komiti ya woto di kgone ho rala nako ya tsona bakeng sa selemo se latelang.
Na a o fumane theepa ya hao ya lesedi e tswang ofising ya Sepikara? Theepa ena e lokela ho kenyeletsa ho molao le ditataisong tse amanang le tshebetso ya hao ha mmoho le ditlhoko tsa ho fana ka tlaleho le dithempleiti tsa teng, mohlala, direjistara tsa boteng ba batho.
Na o hlophistse lenaneo la ditaba tse lokelang ho tshohlwa kopanong e latelang? (Tadima mehato ya 10 le 11 bakeng sa seabo sa mongodi le dikeletso tsa ho tsamaisa kopano. Thempleiti ya lenaneo la ditaba e kenyeleditswe karolong ya 4).
Na o ile wa nahanisa letsatsi la kopano ya ho tla etsa moralo wa mesebetsi ya selemo? (Tadima mohato wa 14 moo ho qaqisitsweng ka moo o lokelang ho etsa moralo wa selemo ka teng).
Dipotso tse atisang ho botswa:
Potso: Ke mefuta ya dikopano tse jwang tse tla tshwarwa ke komiti tsa diwoto?
Karabo: Ho tla ba le mefuta e meraro e meholo ya dikopano tse tla hlophiswa ke ditho tsa komiti ya woto. Dikopano tsena di tla hlophiswa ho latela tumellano le khanselara ya woto.
Dikopano tsa komiti ya woto ? tsena ke dikopano tse tshwarwang kgafetsa tsa ditho tsa komiti ya woto. Di lokela ho tshwarwa kgafetsa ho etsetsa hore komiti ya woto e kgona ho hlophisa hantle. Dikopano tsena di lokela ho tshwarwa bonyane makgetlo a 6 ka selemo. Ho kgothaletswa dikopano tse batlang di tshwarwa kgafetsa, jwalo ka dikopano tsa kgwedi le kgwedi, e le hore dikomiti tsa woto di fumane sebaka se lekaneng sa ho tsepamisa maikutlo dinthong tse fapaneng tseo ba lokelang ho di etsa.
Dikopano tsa lebatowa ? tsena ke dikopano tse dipakeng tsa khanselara ya woto le batho ba lebatowa, ke hore, baahi ba sebaka seo. Dikopano tsena di tla thusa khanselara ya woto le komiti ya woto ho utlwisisa ditlhoko tsa setjhaba. Dinako tsa dikopano tsa lebatowa di lokela hore di tsepamiswe esale nako jwalo ka moralo wa kopano ya selemo. Ena ke menyetla ya ho mema bahlanka ba masepala kapa baetapele ba dipolotiki ho tla buwa le baahi ba lebatowa ka ditaba tsa setjhaba, kapa ho fana ka lesedi la hore masepala o sebetsa jwang.
Dikopano tse ikgethang ? tsona di ka bitswa ha ho hlokeha, mohlala, ha ho na le ntlha ya bohlokwa e ikgethang eo setjhaba se ngongorehileng ka lebaka la yona mme se batla ho buisana le khanselara kapa masepala ka yona.
Mohato wa 9: Kopano ya pele ya komiti ya woto
Ho na le dintho tse ngata tse lokelang hore di etsahale kopanong ya pele ya komiti ya woto
Ditho di kgethelwe maemo ? o lokela hore o be le mongodi le ho etsa qeto ya hore o hloka motshwari wa matlotlo (tadima mohato wa 10 bakeng sa ho tseba seabo sa mongodi)
Etsa hore komiti e itsebise ? le ho hlahisa tseo ba batlang ho di fihlella jwalo ka ditho tsa komiti ya woto
Kopa mongodi ho etsa lenaneo la moo ho ka ikopanngwang teng le ditho tsa komiti ya woto le ho fana ka khopi ho motho e mong le e mong
Ha mmoho le sehlopha, buang mme le dumellane ka melawana ya boitshwaro dikopanong, ho kenyeletswa le tlhokeho ya ho boloka makunutu. Ka dinako tse ding, ho tla tshohlwa ditaba tse hlokolosi haholo dikomiting tsena tsa woto. Ditho kaofela di lokela ho sebetsa le ho dumellana ka tsela e tla latelwa ho buwa ka ditaba tsena le batho ba lebatoweng lena. Ha ho hlokehe hore kamehla ho bolellwe motho e mong le e mong dintho tsohle.
Buang ka moralo wa selemo wa dikopano mme o bone haeba le ka fihlela tumellano ka dikopano tse lokelang ho tshwarwa le hore di tla tshwarwa neng
Bitsa kopano ho ya etsa moralo wa selemo. E ka nna ya e ba kopano e ikgethang ya komiti, kapa kopano e hlahlamang ya komiti
Aba dipotfoliyo mohlala, matlo, bophelo bo botle le ditaba tsa thekolohelo le phedisano, ntshetsopele ya moruo wa selehae. ?Potfoliyo? e bolela feela boikarabelo, bo fuweng motho ya itseng, bakeng sa ho fana ka tlaleho, kutlwisiso, ho hokahana le ho sebetsana le karolo e itseng eo motho a nang le thahasello ho yona.
DIKELETSO TSA BOHLOKWA TSE TLA THUSA DIKOMITI TSA WOTO HO SEBETSA KA KATLEHO
Karolo ya 2
Mohato wa 10: Seabo sa mongodi
Mongodi wa komiti ya woto o na le mesebetsi e latelang ho hlophisa lenaneo la ditaba tseo ho tla buisanwa ka tsona ? mongodi o lokela ho kopa ditho tsa komiti ya woto ho fana ka nyehelo tsa bona tsa dintlha tse tla tshohlwa kopanong ho tshohla lenane la ditaba le modulasetulo ho dumellana ka dikahare pele lenane lena le romelwa ho ditho tse ding. Hopola, hore modulasetulo wa komiti ke khanselara ya woto mme motho enwa o na le qeto ya qetelo mabapi le se lokelang ho ba lenaneng la ditaba ho latela kananelo ya lenane la ditaba, ho fana ka yona ho ditho tsa komiti pele ho kopano ho ngola metsotso dikopanong kaofela tse bitsitsweng ke modulasetulo le komiti ya woto. ?Metsotso? ke dintlha tse ngotsweng tsa se etsahetseng kopanong; di atisa ho kenyeletsa dipuisano tse ileng tsa e ba teng ntlheng e nngwe le e nngwe, diqeto tse nkilweng ke komiti, le mehato e tla etswa ho phethahatsa diqeto tsena ho netefatsa hore metsotso e fuwa ditho, le ho bolokwa le ho behwa sebakeng se bolokehileng. Hopola, metsotso ke rekoto ya molao ya kopano, ka hoo ke ya bohlokwa haholo mme e lokela ho bolokwa moo ho bolokehileng. Batho ka dinako tse ding ba kgutlela metsotsong ya dikopano ho lekola diqeto tse ileng tsa etswa.
Etsa hore mongodi a fumane lesedi le tswang bukeng ena ya tataiso mabapi le seabo sa mongodi, le hore kopano di tswamaiswa jwang, ha mmoho le khopi ya thempleiti ya lenane la ditaba.
Mohato wa 11: Tsamaiso ya kopano tsepamisa nako le sebaka sa kopano pele ho nako. Jwalo ka ha ho boletswe ka hodimo, bona ke boikarabelo ba mongodi.
Hlophisa lenane la ditaba pele ho kopano. Ona ke mosebetsi wa Modulasetulo le mongodi. (Tadima Mohato wa 10 mabapi le seabo sa mongodi).
Abela ditho tsa komiti lenane la ditaba pele ho kopano e le hore ba tsebe hore kopano e itshetlehile ditabeng dife le hore ba kgone ho etsa ditlhophiso. Ka dinako tse ding ho tla hlokeha tlaleho e ikgethang ka karolo ya potfoliyo e itseng, ka hoo haeba motho ya tshwereng potfoliyo a tseba sena, a ka rerisana le setjhaba ka dintlha le ho tlalehela komiti hantle.
Modulasetulo o tla bula kopano le ho bala lenane la ditaba ha mmoho le bohle.
Ngodisa hore ke bo mang ba leng teng.
Ngodisa ba kopileng tshwarelo ba kekeng ba kgona ho finyella kopanong. (Ditho tsa komiti di lokela hore kamehla di bolelle e mong wa ditho tsa komiti haeba di tla hloleha ho ba teng kopanong. Sena ke se tswejwang ka hore ke tshwarelo).
Bala metsotso ? hlahloba hore di fana ka rekoto e nepahetseng ya kopano e fetileng. Motho e mong le e mong o lokela ho dumela hore metsotso e nepahetse hobane metsotso ke rekoto ya molao ya dikopano.
Tshebetso e tswalwang ke metsetso e fetileng ? ntlha ena e akaretsa ditaba tse buuweng kopanong e fetileng eo ditho tsa komiti di neng di loketse ho fana ka tlaleho ho yona. Ho bonolo ho bona se bopang ?dintlha tse tswang metsotsong? ka ho sheba mehato eo batho ba neng ba loketse ho e nka.
Mangolo ? ana ke mangolo a romeletsweng komiting kapa a rometsweng ke komiti. Karolo e nngwe le e nngwe ya mangolo e lokela ho ngolwa fatshe ke komiti hobane mangolo a jwalo a romelwa lebitsong la komiti.
Dintlha tse ding tsa lenane la ditaba, mohlala, IDP, ditekanyetso tsa masepala, taolo ya tshebetso ya masepala, merero ya ntshetsopele ya moruo wa sebaka seo. Setho se le seng sa komiti se lokela ho hlahisa le ho qala dipuisano. Tlaleho e ka kenyeletsa selelekela sa ntlha e itseng (ke eng?, e o ama jwang?, hobaneng o ameha?) le hore ke mohato ofe o nkilweng le hore ke eng hape e lokelang ho etswa.
Hopola hore ke taba ya bohlokwa hore ditho tsohle tsa komiti di be le seabo kopanong. Modulasetulo ha a lokela hore a buwe a le mong feela puisanong. Seabo sa modulasetulo hantlentle ke ho tataisa ditho ho latela dintlha tse hlahang lenaneng la ditaba tse tshohlwang ka sepheo sa ho fihlella sepheo sa komiti. Modulasetulo o tshwana le motsamaisi wa sehlopha sa mmino ho feta sebini se binang se le seng.
Ka morao ho dipuisano, modulasetulo o lokela ho netefatsa hore qeto e fihletswe, mme haeba ho hlokeha, le hore ho na le motho ya fuweng boikarabelo ba ho nka bohato lebitsong la komiti.
Ka diteboho tsa Tataiso ya Tshebetso ya Diwoto e hlahisitsweng ke Mokgatlo wa Mmuso wa Selehae Free State ka November 2001.
Mohato wa 12: Ho ba modulasetulo kopanong le dikeletso tse itseng ho modulasetulo
Leka hore o seke wa buwa haholo ka bowena; mamela hore ba bang ba reng mme o etse bonnete ba hore tseo ba di buwang di tsamaelana le lenaneo la ditaba
Ngola fatshe dintlha tsa bohlokwa tse ileng tsa hlahiswa nakong ya puisano
Akaretsa dintlha tsa sehlooho qetellong bakeng sa dintlha tsa lenaneo la ditaba tse tla tshohlwa
Boloka dinako tse abetsweng dintlha tsa puisano
Leka ho qeta ka nako.
Dikeletso tsa bohlokwa ho thusa dikomiti tsa woto ho sebetsa ka katleho
Mohato wa 13: Ditlhoko tsa dikomiti tsa diwoto
O tla hloka ho ikopanya le ofisi ya Sepikara masepaleng wa heno ho fumana hantle hore ho hlokehang dife bakeng sa ha ho etswa tlaleho, ho kenyeletswa letsatsi la qetelo la ditlaleho. Ka kakaretso e tla ba kgwedi le kgwedi, mme tlaleho e tla lokela hore e fihle ka Labohlano la qetelo la kgwedi.
Ofisi ya Sepikara e ka ba le ?pro forma reporting? moralo o entsweng bakeng sa ho etsa tlaleho. Tsela ya ho etsa tlaleho ka ho latela sebopeho sena ke mokgwa wa tataiso e ngotsweng, eo o ka e tlatsang feela ho e na le hore o lokele ho etsa sebopeho se seng sa hao. E thusa haholo hobane o a tseba hore o akareditse tsohle tse hlokehang.
Haeba ho se na foromo ya tokomane ya mofuta o jwalo, ho na le e hlahang leqepheng le latelang eo o ka e sebedisang. (Ha ho hlokehe hore o fane ka dintlha tse ngata haholo).
Tokomane ya foromo ya ho etsa tlaleho (Proforma reporting form)
Khanselara ya woto (tlatsa lebitso la khanselara)
Kgwedi le selemo (tlatsa letsatsi)
Lebitso la Masepala (tlatsa lebitso la masepala)
Mongodi wa Komiti ya Woto (tlatsa lebitso la mongodi)
Dintlha tse hlahisitsweng kopanong ya komiti ya woto, ya lebatowa kapa e ikgethang ? di latelane hantle
Ditharollo tse ka bang teng le dikgothaletso ? di latelane hantle
Dintlha tse rarolotsweng ? di latelane hantle
Merero e tseleng le e qetileng ? e latelane hantle
Tse hopoletsweng nako ya dikgwedi tse tharo ? di latelane hantle
Dikeletso tsa bohlokwa ho thusa dikomiti tsa woto ho sebetsa ka katleho
Mohato wa 14: Ntshetsopele ya profaele ya woto
Ena ke e nngwe ya dintho tsa pele tseo komiti ya woto e ka di etsang ha mmoho. E ka thusa ho hapa moifo, le ho etsa hore o utlwisise haholwanyane ka woto ya hao.
Ho etsa profaele ya woto ke ntho e ka bang monate haholo. Moralo wa ho qala ho etsa profaele o jwalo ka ona. Hopola hore o ka bokella lesedi la mantlha hore o kgone o qala mme o nne o phaelle ho lona ha selemo se ntse se tswela pele.
Fumana ditaba tse amanang le batho ba woto ena ekasitana le mathata ao ba kopanang le ona, mohlala,
Sehlopha sa dilemo tseo o leng ho sona, bong, boemo ba mosebetsi
Dipalopalo tsa tlolo tsa molao, mathata a maholo a bophelo
Dingongoreho tsa letsatsi le letsatsi tsa batho
Tjhadimo ya mananeo a masepala le ditlhahiso
Ditebello tsa batho
Puo tseo batho ba di buwang
Ditabatabelo tsa bona tsa dipolotiki
Mapolesa a ka o fa dipalopalo tsa ditlolo tsa molao mme ha ho na le sepetlele kapa tliliniki ke dibaka tse ka o fang lesedi la tsa bophelo bo botle sebakeng sa heno
O ka fumana hore batho ba nahanang ho latela dikopano tsa lebatowa, kapa dikopano tsa dihlotshwana tse nyenyane tsa batho ka nako yohle ya woto kapa phuputso e nyenyane ya baahi, kapa dipuisano le metswalle.
Ho na le metheo ya mofuta ona ya ntshetsopele ya mosebetsi?
Infastructure? e bolela metheo e bopang setjhaba, mohlala:
Motheo wa popo ya setjhaba o jwalo ka dikolo, ditliliniki, sepetlele, sepolesa, ba di-ambulense jwalo jwalo
Ditsela, metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere
Mefuta ya matlo
Dipapadi le menyetla ya boithapollo
Dikereke
Diholo tsa Setjhaba
Mabenkele, dimmaraka, dibanka
Ho boetse ho etsahalang mona setjhabeng?
Etsa lenane la mekgatlo ya setjhaba- yona ke ya baamehi ba bohlokwa bakeng sa komiti ya woto. Baamehi ho bolelwa batho, kapa baemedi ba tswang sehlopheng, ba nang le thahasello e ikgethang kapa bao eleng ditsebi, kapa ba hlileng ba thahasellang ntho eo o e etsang komiting ya woto.
Na ho na le basabetsi ba ntshetsopele ya Setjhaba CDWs ba leng teng wotong ya hao?
Lemoha basebetsi ba ntshetsopele ya setjhaba ba teng wotong ya hao mme o kopane le bona ho bapisa dintlha tsa bohlokwa, ho kenyeletswa taba ya hore na basebetsi bana ba ntshetsopele ya setjhaba ba na le tshehetso ya tshebetso kapa ya bongodi eo ba ka nehelanang ka yona komiting ya hao ya woto.
Dikeletso tsa bohlokwa ho thusa dikomiti tsa woto ho sebetsa ka katleho
O ka sebedisa lenane lena ho thusa ho hlophisa foramo tsa baamehi ba hao.
Kenyeletsa:
mekgatlo ya dipapadi kapa diforamo mekgatlo ya taolo ya sekolo diforamo tsa bopolesa ba setjhaba mekgatlo ya bodumedi mekgatlo ya batjha mekgatlo ya mapato mekgatlo ya kgwebo mekgatlo ya botjhaba mohlala , bokgabo, mmino mekgatlo ya basadi
Dipotso tse atisang ho botswa:
Potso: Hobaneng e le ntlha ya bohlokwa ho etsa profaele ya woto?
Karabo: Jwalo ka khanselara ya woto le komiti ya woto, o ka kgona ho sebetsa hantle haeba o tseba setjhaba sa hao hantle. Hopola, o moo ho emela woto ya hao. O ke ke wa kgona ho etsa sena haeba o sa tsebe hore ke batho bafe ba dulang moo, ditlhoko tsa bona ke dife le hore ditaba tsa bona ke dife, ba batla hore komiti e ba etsetse eng le hore ke meaho efe, ditsela le diphetoho dife tse ding tseo ba batlang hore di etsuwe wotong ya hao. Mona ho kenyeletswa le ho fumana tsebo e ngata ka moo ho ka kgonehang ka teng ka mekgatlo ya setjhaba le mehlodi ya selehae e kang dikgwebo tsa moo kapa dihlopha tsa dipapadi. O tla makatswa ke dintlha tseo o tla di fumana moo.
Karabo: Komiti ya woto e ka sebedisa lesedi lena bakeng sa ntshetsopele ya moralo wa yona wa selemo. O tla kgona ho etsa ditlhopiso ka mokgwa o ntlafetseng le ho kgona ho kena dipuisanong ha bonolo ka maano a khansele le mananeo kapa merero hobane o tseba ka setjhaba sa heno ho feta mang kapa mang.
Bukana ya tataiso ya Dikomiti tsa Woto
Mohato wa 15: Ntshetsopele ya moralo wa tshebetso wa selemo wa komiti ya woto ya hao
Komiti ya woto e hloka hore e be le moralo wa tshebetso wa selemo o hlakisang hantle hore dintlha tseo e habileng hore e di fihlele pele ke dife le hore e batla ho fihlela eng. Ntho ena e tla thusa hore o kgone ho bona hore o fihletse seo o neng o ipehetse sona hore o tla se fihlela. E tla o thusa le ho fana ka tlaleho ho masepala, hobane o tla kgona ho fana ka tlaleho mabapi le moralo wa hao wa tshebetso.
Ke mohopolo o motle ho rera kopano e ikgethang ka potlako ka moo o ka kgonang ka teng ho ntshetsa pele moralo wa hao wa tshebetso ya selemo. Netefatsa hore moralo o a utlwahala le hore o a fihleleha.
Ha o ntshetsa pele moralo wa hao wa selemo o ka nkela hloohong tse latelang matsatsi ao masepala a tla tshwara ditherisano tseo o ka lakatsang ho kena ho tsona tse kang Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) le ditekanyetso tsa selemo dintlha tsa bohlokwa haholo tsa setjhaba? Dikomiti tsa diwoto di ka etsa jwang ho thusa? O ka etsa tsena neng?
Ke merero efe eo komiti ya woto e lakatsang ho e etsa? Nkela hloohong dintho tse kang merero ya ntshetsopele ya moruo wa sebaka seo, thupelo ya bahlokomedi ba sebeletsang mahae? Na re ka etsa merero ena le mekgatlo e meng ya setjhaba?
Ke foramong dife tsa setjhaba, mohlala, mekgatlo ya mekgatlong ya bophelo bo botle kapa ya setjhaba, moo komiti ya woto e batlang ho ba le boemedi teng?
Ke mokgatlong ofe wa setjhaba kapa mafapheng afe a masepala ao re batlang ho a mema ho tla fana ka tlhalosetso e itseng komiting ya woto kapa kopanong ya lebatowa?
Ke ditho dife tsa komiti ya woto tse lokelang hore di fuwe boikarabelo ba ho etsa mesebetsi ena?
Matsatsi ao mesebetsi ena e lokelang hore e be e phethilwe ka ona ke afe?
Mesebetsi e potlakileng ho feta kapa ya bohlokwa haholo eo re batlang hore e phethwe pele ke efe? Ke mosebetsi ofe o ka boelang wa emiswa nakwana?
Dikeletso tsa bohlokwa ho thusa dikomiti tsa woto ho sebetsa ka katleho
Moralo e be o tenyetsehang ho lekaneng mme o kgone ho fetolwa ho latela ditlhoko.
Netefatsa hore merero eo o batlang ho e etsa e hoketswe ho Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele IDP. Haeba morero wa hao o sa nyallane le Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele IDP, o ka nna wa fumana setjhaba se sa e batle, kapa masepala a sa kgone ho fana ka tshehetso hore merero eo e phethale. Tadima mohato wa 17 bakeng sa ho fumana lesedi le fetang mona ka taba ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele IDP
Hopola ? moralo o lokela hore o kgone ho fihleleha. Ho molemo ho etsa dintho tse seng kae hantle ho feta ho ba le ntho tse ngata tse entsweng ka mokgwa wa hlahlafethe mosebetsi ha o etsetswe makgethe!
Bukana ya tataiso ya Dikomiti tsa woto
Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele JOBURG
Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) ke morero wa tshebetso ya dipolotiki o eteletsweng pele ke Mojoro wa Phethahatso wa Motsemoholo ka Dikhanselara le ho ba le tshehetso ya tsamaiso ya bahlanka ba sebetsang. Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) hantlentle o rala hantle dintho tse fihleletsweng ke Motsemoholo le diphephetso ha mmoho le ntshetsopele ya nakong e tlang ho latela ditlhoko tsa kgwebo le tsa setjhaba papisong le ho sebeletsa batho ekasitana le ho ntshetsa pele moruo.
Karolo ya bohlokwa ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) ke ditherisano tse batsi le wena ha mmoho le baamehi ba bang ho netefatsa hore o ameha diqetong tsa ntshetsopele ya nakong e tlang ya Motsemoholo wa Joburg.
Letoto la dikopano tsa Woto le tsa Lebatowa di tla tshwarwa hohle Motsemoholo ho fana ka karabelo ya ka moo ditlhoko tsa baahi ha mmoho le ditabatabelo di lekanyeditsweng ditjhelete ka teng le ka moo di rerilweng ka teng ho latela merero e fapafapaneng le mananeo.
Re o kgothaletsa jwalo ka moahi wa Joburg ho kenela tshebetso ya ditherisano ka ho ba teng dikopanong tsena mme o hlahise maikutlo a hao. Ho kenela ditherisano ho tshwana le ho vouta ho netefatsa hore o a sebeletswe ho tseo o di hlokang.
Jwalo ka Motsemoholo, re dula re ikabetse ho kgothaletsa tikoloho e bolokehileng le ya bophelo bo botle., moo re kgothaletsang ntshetsopele ya moruo, thibelo ya HIV le AIDS, phokotso ya tshitiso ya motlakase le phepelo ya metsi, ho ntlafatsa mokgwa wa tefiso ya ditshebeletso, ho hlokomele hore melawana ya motsemoholo e phethahatswe le ho thusa hore matlo a be teng.
Re sebetsa ha mmoho ho o sebeletsa?
Karolo ya 3
Bukana ya tataiso ya Komiti tsa Woto
Tshehetso eo masepala a fanang ka yona e tla fapana ho latela mehlodi ya masepala e teng. Bomasepala ba bang ba na le tjhelete e ngata ho feta ba bang mme ntho ena e tla ba le tshusumetso ho tse ka fihlelwang. Ofisi ya Sepikara e ka o bolella hore ke mehlodi efe e fumanehang empa tadima lenaneo lena la tekolo le ka tlase.
Lenane ke lena la ho lekodisisa dintho tseo o tla botsa masepala ka tsona:
Dikhopi tsa molao o loketseng, tataiso tsa naha le maano a khansele mabapi le seabo sa setjhaba le dikomiti tsa woto
Khopi ya lesedi la dipalopalo tsa baahi wotong ena, ho thusa tlhophisong ya profaele ya woto
Khopi ya masepala ya Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP)
Kakaretso ya Mokgwa wa Taolo wa Tshebetso ya masepala
Kgutsufatso ya ditekanyetso tsa ditjhelete tsa masepala
Lesedi le mabapi le tsela ya ho etsa tlaleho le mehato e lokelang ho latelwa
Matsatsi le dinako tsa thupelo ya tjhoriso
Masepala : Ka moo a ka thusang ho tshehetsa dikomiti tsa woto
Mohato wa 17: Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP) ke eng?
Bomasepala kaofela ba hlokwa hore ba hlophise Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP). E qaqisa hantle dintho tse lokelang ho hlophiswa pele sebakneg seo. IDP e na le nako ya bophelo ba dilemo tse 5 mme e lekolwa selemo se seng le se seng. IDP e netefatsa tshebediso e ntle ya mehlodi e haellang ya masepala, e hlophisa hantle dintho tse lokelang ho etswa ka nako (mohala ho thusa dibaka tse futsanehileng ho feta), e hohela matlotlo a ditjhelete a tswang maemong a mang a mmuso, mme e matlafatsa seabo sa setjhaba.
Dikomiti tsa diwoto di ka ameha jwang ho IDP?
Baemedi ba dikomiti tsa diwoto ba ka kena Foramong ya baemedi ba Moralo o Kopanetsweng wa Ntshetsopele (IDP). Foramo ena ke monyetla wa baamehi wa ho emela ditabatabelo tsa mabatowa a bona. Foramo ena e fana ka lebala la ho dula majwana le monyetla wa dipuisano le diqeto tse nkuwang mmoho ke setjhaba le masepala, e boetse e etsa hore ho be le kgokahano le ho theha monyetla wa ho disa le hore komiti ya woto e rale le ho phethahatsa IDP.
Nka fumana khopi ya IDP jwang?
Khanselara ya woto ya hao e ka fumana khopi ? haeba ho se jwalo o ka ikopanya le ofisi ya motsamaisi wa masepala kapa ofisi ya Sepikara. Masepala o lokela ho fana ka thupelo e mabapi le IDP. Komiti ya woto ya hao e ka fumana dintlha tse fetang mona ofising ya Sepikara.
Mohato wa 18: Ditekanyetso tsa ditjhelete tsa selemo
Ditekanyetso tsa ditjhelete ke moralo wa ditjhelete. Di hlakisa hantle mesebetsi e lokelang ho etswa selemong se hlahlamang sa ditjhelete ka ho fana ka ditshenyehelo tsa mesebesi ena le mohlodi wa moo tjhelete e tla tswa teng ho lefella ditshenyehelo tsena.
Selemo sa ditjhelete sa bomasepala ba Afrika Borwa se qala ka la 1 Phupu selemong se seng le se seng ho fihlela ka la 30 Phupjane selemong se hlahlamang. Khansele e lokela ho ananela ditekanyetso tsena tsa ditjhelete pele selemo se setjha sa ditjhelete se simolla, ka morao hoba ho rerwe hantle mme ho tshwarwe ditherisano le dikomiti tsa diwoto ha mmoho le dihlopha tsa baamehi ba bang sebakeng sa heno. Ha dikomiti tsa diwoto di ameha qetong ya hore masepala o lokela ho sebedisa tjhelete e kae le hore ke morerong efe, sena se tla bolela hore woto ya hao e ka nna ya fola molemo ka tsela e tobileng.
Nakong ya selemo kaofela ditekanyetso di behilwe leihlo ho hlokomela tjhelete e kenang le e sebediswang ya ditekanyetso. Mohlala, haeba tjhelete e kenang ya ditefello le ditefiso e le ka tlase ho e neng e hopotswe, hona ho bolela hore ho tla sebediswa tjhelete e ka tlase.
Dikomiti tsa diwoto di lokela ho fumane hore na moralo wa nako ya ditekanyetso ke ofe le hore ke dikopano dife tse tshwarwang. O lokela ho botsa hore na ho na le tjhelete e lekanyeditsweng thupelo e tla o thusa ka seabo se nang le moelelo ditekanyetsong
Mohato wa 19: Mokgwa wa Taolo ya Tshebetso
Fumana hore na masepala wa hao o entse mokgwa o tla latelwa ho laola tshebetso. Komiti ya hao ya woto e ka ba le seabo sa bohlokwa taolong ya tshebetso ka mehato e meraro:
Moralo: Sebetsa ka tsela e haufi haholo le khanselara ya hao ha mmoho le mekgatlo e meng ya setjhaba, ho fumana ditlhoko tse lokelang ho eteletswa pele mme o netefatse hore ditlhoko tsena di kenyeleditswe ditshisinyong tsa ditekanyetso le meralong.
Tatello le karabelo: Phehella ho fana ka ditlaleho tse etswang kgafetsa ka merero ya masepala le ditshebeletso tsa komiti ya woto le dikopanong tsa setjhaba wotong ya hao e le hore baahi ba dule ba tseba ka katleho le kapa mathata a leng teng. Etsa ditlhahiso tse hahang bakeng sa ntlafatso mme moo ho hlokehang, hlophisa setjhaba hore se thuse ho fumana hore mosebetsi o phethahatswe.
Ditekolo tsa tshebetso ya selemo le selemo: Khansele e lokela ho tlaleha kgafetsa ho dikomiti tsa woto le ho setjhaba ka ditekanyetso tsa ditjhelete tseo ba di tshwaetsweng le ditekolo tsa tshebetso, e le karolo ya dikopano tsa setjhaba. Ho feta mona, haeba komiti ya hao e sa fumane tlaleho ya khansele e etswang kgafetsa ya tshebetso, etsa hore majoro a tsebe hore komiti ya hao ya woto e lebeletse tshebetso e ntlafetseng ya puso ya demokerasi ya selehae.
Mohato wa 20: Boikopanyo le Masepala
Ikopanye le Ofisi ya motsamaisi wa masepala hore o fumane lenane la batho ba bohlokwa bao o ka ikopanyang le bona mme o tlatseletse bukaneng ya tataiso.
Mohato wa 21: Merero ya Masepala le mekutu
Ikopanye le Ofisi ya motsamaisi wa masepala hore o fumane lenane la merero ya bohlokwa ya batho bao o ka ikopanyang le bona mme o tlatseletse bukaneng ya tataiso.
Karolo ya 4 - Dithempleiti tsa bohlokwa tseo o tla di sebedisa
Bukana ya tataiso ya Dikomiti tsa woto
Metsotso ya Kopano
Masepala
Letsatsi:?????????????????????????????.
Nako:???????????????????????????????
Sebaka:??????????????????????????????.
Lenane la dintlha tse tla tshohlwa
Pulo le kamohelo
Ditshwarelo
Metsotso ya kopano e fetileng
Dintlha tse tswang metsotsong
Mangolo
Dintlha tse ntjha mohlala, Tlaleho ka merero le ditlaleho tsa potfoliyo
Diqeto tsa Khansele
Letsatsi le nako ya kopano e hlahlamang
Rejistara ya ba teng ya Dikopano tsa Lebatowa kapa tse Ikgethang
Masepala
Kopano ya Woto/Lebatowa/e Ikgethang/ ya Setjhaba ?????
Letsatsi: ????????????????????????..
Lebitso
Aterese
Nomoro ya Founu
Tshaeno
Bukana ya tataiso ya Dikomiti tsa woto
Moralo wa Tshebetso wa Masepala
Merero e beheletsweng pele e tswang Moralong o Kopanetsweng wa Ntshetsopele Merero e beheletsweng ka pele ya Woto
Komiti ya woto e lokela ho fana ka tlaleho mabpi le moralo o latelang ka kgwedi. Hona ho tla thusa hore o tsebe hore o fihletse seo o se batlang moralong wa hao. Ke ntho e tla thusa Sepikara ho tseba haeba ho na le dintlha dife kapa dife tseo a hlokang ho sebetsana le tsona.
Nomoro
Morero
Boikarabelo
Boikemisetso/matshwao a bontshang
Moralo wa nako
Mehlodi
Setho sa komiti ya woto se ikarabellang se lokela ho tlaleha boemo ba morero dikopanong tsa komiti ya woto
Thempleiti tsa bohlokwa tseo o ka di sebedisang
Kabo ya Boikarabelo ba Potfoliyo
Masepala
Bophelo bo botle
Ntshetsopele ya moruo wa selehae
Lebitso la motho kapa batho ba ikarabellang
Mohlala wa boikarabelo
Tsebiso ya Kopano ya Komiti ya Woto
Masepala
Letsatsi: ????????????????????????????.
Nako: ?????????????????????????????..
Sebaka: ?????????????????????????????
Lenane la dintlha
Pulo le kamohelo
Ditshwarelo
Metsotso ya kopano e fetileng le dintlha tse tswang metsotsong
Mangolo
Dintlha tse ntjha (Di bolele)
Bukana ya Komiti tsa diwoto
Foromo ya ho thonya ? Kgetho ya Komiti ya Woto
Masepala
Ho thonya
Rona ba saenneng mona ka tlase jwalo ka bakgethi ba ngodisitsweng wotong ena ????mona re thonya Mong kapa Mof?????????.jwalo ka mothonngwa ya tla kgethwa hoba setho sa komiti ya woto, woto eng ya?????
Lebitso: ????????Tshaeno:????????.Letsatsi: ????..
Lebitso: ????????.Tshaeno: ????????Letsatsi:????..
Ho thonya
Nna ???????.ya saenneng mona ka tlase, nomoro ya ka ya boitsebiso ke ?????????..mme ke dula ?????????..jwalo ka mokgethi ya ngodisitsweng wotong ya ????????.., mona ke amohela ho thonngwa jwalo ka mothonngwa ya tla kgethwa hoba setho sa komiti ya woto, wotong ya ???
Tshaeno : ???????(Mothonngwa) Letsatsi: ????????
Thempleiti tsa bohlokwa tseo o tla di sebedisa
Lenaneo la Mehala ya Ditho tsa Komiti ya Woto
Basebetsi ba ntshetsopele ya setjhaba (CDW)???????????
Lebitso
Aterese
Nomoro ya boitsebiso
Nomoro ya Founu
Bukana ya tataiso ya Komiti tsa diwoto
Masepala
Sebaka: ?????????????????????????
Letsatsi: ????????????????????????..
Masepala: ???????????????????????.
Lebitso la Mokgethwa
Palo ya dikgetho
Divoutu di badilwe:??????????
Dipampiri tse senyehileng: ??????.
Tshaeno:?????????????..
DIPOTSO
Bolaodi ba Dikgokahano
Mokotlana wa Praevete X804
Founu: + 27 12 334 0600
Lefapha la Puso ya Diprovense le Puso ya Selehae
Molekane wa hao tshebeletsong le ntshetsopeleng
